Esthere

  1. 1
  2. 2
  3. 3
  4. 4
  5. 5
  6. 6
  7. 7
  8. 8
  9. 9
  10. 10

BIBELE e Halalelang

Esthere 2 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Esthere o kgethelwa bofumahadi. — Mordekai o senola morero wa Bigthane le Thereshe wa ho bolaya morena.

1. Kamora tseo, eitse hobane bohale ba Assueruse bo kokobele, a elellwa Vashti le se entsweng ke yena, le se reretsweng yena.

2. Yaba bahlanka ba sebeletsang morena, ba re: Morena a ke a batlelwe barwetsana ba batle ba dikgarebe;

3. mme dinaheng tsohle tsa mmuso wa hae morena a ke a laele manqosa hore a bokelle barwetsana bohle ba batle ba dikgarebe, ba tliswe Susane, motse wa moreneng, tlung ya basadi, kalosong ya Hegai, tona ya morena le modisa wa basadi;

4. ba fuwe ke yena ditlolo tsa bona; jwale, morwetsana ya tla kgahla morena, a ke a bewe mofumahadi tulong tsa Vashti. Taba eo ya kgahlisa morena, mme a etsa jwalo.

5. Monna wa Mojuda o ne a le teng Susane, motse wa moreneng, ya bitswang Mordekai, mora Jaire, mora Shimei, mora Kishe, Mobenjamine.

6. O ne a nkilwe Jerusalema, a isitswe kgolehong hammoho le Jekonia, morena wa Juda, ya neng a isitswe kgolehong ke Nebukadnesare, morena wa Babilona.

7. O ne a ntse a hodisa Hadassa, kapa Esthere, moradi wa malomae, etswe a ne a se na ntatae le mmae; morwetsana eo o ne a le motle, a boheha; mohla ho shwang ntatae le mmae, Mordekai o ne a mo nkile, a mo etsa moradi wa hae.

8. Eitse hobane lentswe la morena le taelo ya di tsejwe, ha barwetsana ba bangata ba se ba bokelletswe Susane, motse wa moreneng, kalosong ya Hegai, le yena Esthere a nkwa, a iswa tlung ya morena, kalosong ya Hegai, modisa wa basadi.

9. Morwetsana a mo kgahla, mme a fumana mohau ho yena; a phakisa a mo nea ditlolo tsa hae le dijo tsa hae, a mo nea le barwetsana ba supileng ba kgethilweng tlung ya morena, mme a mo isa, yena le barwetsana ba hae, kamoreng e ntle ho fetisa ya ntlo ya basadi.

10. Empa Esthere o ne a sa ka a tsebisa Hegai mofuta wa habo, leha e le ho tswalwa ha hae, kahobane Mordekai o ne a mo laetse hore a se ke a itsebisa.

11. Ka tsatsi le leng le le leng, Mordekai o ne a itsamaela pela lebala la ntlo ya basadi, a tle a tsebe kamoo Esthere a dutseng kateng, le se tla mo hlahela.

12. Enere ha ho fihla nako ya morwetsana e mong le e mong ya ho kena ho morena Assueruse, ha ba se ba itokisitse ka taelo e laelang tsa basadi ka kgwedi tse leshome le metso e mmedi, — hobane ditshiu tsa ho itokisa ha bona di fela di ne di dutse jwalo: ka kgwedi tse tsheletseng ba ne ba tlola ole ya mirra, ka kgwedi tse ding tse tsheletseng, ba tlole ditlolo tse nkgang hamonate le tse ding, —

13. morwetsana o ne a kena ho morena; tsohle tseo a neng a di kopa, o ne a di fuwa, hore a ye le tsona, ha a tloha tlung ya basadi ho ya tlung ya morena.

14. O ne a kena teng ka shwalane; ka hosasa, o ne a kgutlela tlung ya bobedi ya basadi, kalosong ya Shaashgase, tona ya morena, modisa wa direthe; o ne a sa boele a kena ho morena, haese ha a ne a lakatswa ke morena, a bile a bitsitswe ka lebitso la hae.

15. Haele Esthere, moradi wa Abikaile, maloma Mordekai, ya neng a mo nkile, a mo etsa moradi wa hae, mohla ho fihlang nako ya hae ya ho kena ho morena, ha a ka a kopa letho haese seo a neng a se boleletswe ke Hegai, tona ya morena, modisa wa basadi; mme Esthere o ne a fumana mohau ho bohle ba mmonang.

16. Esthere a iswa jwalo ho morena Assueruse, tlung ya hae ya borena, kgweding ya leshome, e leng kgwedi ya Tebethe, selemong sa bosupa sa ho busa ha hae.

17. Morena a rata Esthere ho feta basadi bohle ba bang, mme a fumana mohau le kamohelo pela hae ho feta barwetsana bohle ba bang; yaba o mo rwesa moqhaka wa bofumahadi hloohong, mme a mmea mofumahadi tulong tsa Vashti.

18. Morena a etsetsa mahosana a hae wohle le bahlanka ba hae mokete o moholo, e leng mokete wa Esthere, a fokotsa lekgetho la dinaha, mme a aba dimpho kamoo morena a ka fanang kateng.

19. Mohla ho bokellwang barwetsana la bobedi, Mordekai o ne a dutse pela monyako wa morena.

20. Jwalokaha Esthere a ne a laetswe ke Mordekai, o ne a sa ka a tsebisa ho tswalwa ha hae leha e le mofuta wa habo, hobane Esthere a ne a etsa seo a se bolellwang ke Mordekai, jwaloka mohla a neng a ntse a hodiswa ke yena.

21. Mehleng eo, Mordekai ha a sa ntsane a dutse pela monyako wa morena, Bigthane le Thereshe, matona a mabedi a morena, e leng balebedi ba menyako, ba hlonamela morena, mme ba leka ho isa matsoho a bona ho morena Assueruse.

22. Taba eo ya mpa ya tsejwa ke Mordekai, mme a e tsebisa mofumahadi Esthere, Esthere yena a e bolella morena ka lebitso la Mordekai.

23. Taba eo ya batlisiswa, mme ya fumanwa hobane e jwalo. Ba fanyehwa ba babedi sefateng; mme taba tseo tsa ngolwa bukeng ya ditaba tsa mmuso, pontsheng ya morena.