BIBELE e Halalelang

Esthere 2:11-19 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

11. Ka tsatsi le leng le le leng, Mordekai o ne a itsamaela pela lebala la ntlo ya basadi, a tle a tsebe kamoo Esthere a dutseng kateng, le se tla mo hlahela.

12. Enere ha ho fihla nako ya morwetsana e mong le e mong ya ho kena ho morena Assueruse, ha ba se ba itokisitse ka taelo e laelang tsa basadi ka kgwedi tse leshome le metso e mmedi, — hobane ditshiu tsa ho itokisa ha bona di fela di ne di dutse jwalo: ka kgwedi tse tsheletseng ba ne ba tlola ole ya mirra, ka kgwedi tse ding tse tsheletseng, ba tlole ditlolo tse nkgang hamonate le tse ding, —

13. morwetsana o ne a kena ho morena; tsohle tseo a neng a di kopa, o ne a di fuwa, hore a ye le tsona, ha a tloha tlung ya basadi ho ya tlung ya morena.

14. O ne a kena teng ka shwalane; ka hosasa, o ne a kgutlela tlung ya bobedi ya basadi, kalosong ya Shaashgase, tona ya morena, modisa wa direthe; o ne a sa boele a kena ho morena, haese ha a ne a lakatswa ke morena, a bile a bitsitswe ka lebitso la hae.

15. Haele Esthere, moradi wa Abikaile, maloma Mordekai, ya neng a mo nkile, a mo etsa moradi wa hae, mohla ho fihlang nako ya hae ya ho kena ho morena, ha a ka a kopa letho haese seo a neng a se boleletswe ke Hegai, tona ya morena, modisa wa basadi; mme Esthere o ne a fumana mohau ho bohle ba mmonang.

16. Esthere a iswa jwalo ho morena Assueruse, tlung ya hae ya borena, kgweding ya leshome, e leng kgwedi ya Tebethe, selemong sa bosupa sa ho busa ha hae.

17. Morena a rata Esthere ho feta basadi bohle ba bang, mme a fumana mohau le kamohelo pela hae ho feta barwetsana bohle ba bang; yaba o mo rwesa moqhaka wa bofumahadi hloohong, mme a mmea mofumahadi tulong tsa Vashti.

18. Morena a etsetsa mahosana a hae wohle le bahlanka ba hae mokete o moholo, e leng mokete wa Esthere, a fokotsa lekgetho la dinaha, mme a aba dimpho kamoo morena a ka fanang kateng.

19. Mohla ho bokellwang barwetsana la bobedi, Mordekai o ne a dutse pela monyako wa morena.