BIBELE e Halalelang

Esaia 17:8-14 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

8. Ha a sa tla hlola a sheba dialetare, tseo e leng mosebetsi wa matsoho a hae, mme ha a sa tla hlola a tadima ho tseo a di bopileng ka menwana ya hae, leha e le diashera, leha e le ditshwantsho tsa letsatsi.

9. Tsatsing leo, metse ya hae ya diqhobosheane e tla ba jwaloka dithako tse merung le dihlorong tsa dithaba, tse siilweng pela bana ba Iseraele ke Bakanana; e tla ba nahathothe.

10. Hobane o lebetse Modimo wa poloko ya hao, ha o a ka wa hopola lefika la qhobosheane ya hao; ke ka baka leo o neng o lemile dirapa tse kgahlisang, wa di hloma e le tsa merara ya mafatshe a mang.

11. Eitse hobane o e hlome wa e etsetsa motero, mme hosasa wa thuntsha dipalesa; empa kotulo e fetohile kotulo ya maqeba a tebileng le ya masisapelo a tshabehang.

12. Jo! modumo wa ditjhaba tse ngata! Di duma jwaloka lewatle ha le duma. Jo! lerata la ditjhaba, e leng lerata le kang la metsi a mangata!

13. Ditjhaba di duma jwalokaha ho duma metsi a mangata. Empa Modimo o a di kgalemela, di balehela hole, di lelekiswa jwaloka mooko wa dithaba ha moya o foka, le jwaloka lerole pela sefefo.

14. Bonang, mantsiboya, tshenyeho e hlahile hang; ha bo eso ho se, ha bo ho se ho se motho! Ke yona kabelo ya ba hapang tsa rona, le kabelo ya ba re hlobodisang.