BIBELE e Halalelang

Esaia 16:1-6 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Bamoabe, isang lekgetho la dikonyana ho mmusi wa lefatshe, le tlohe Sela, le ye ka lefeelleng ho ya kena thabeng ya moradi wa Sione.

2. Baradi ba Moabe ba jwaloka nonyana e fofelang hohle, le jwaloka madinyane a yona a tshositsweng, ha ba tshela ledibohong la Arnone.

3. Re eletse, etsa morero, motshehare re etsetse leswiti le jwaloka bosiu, o tle o pate ba lelekisitsweng, mme o se ke wa senola ba balehang.

4. Ba lelekilweng ba Moabe ba jake haeno, o be qhobosheane ya bona pela mosenyi, ho fihlela mohlorisi a kgutla, tshenyo e fela, mme ba hatakelang setjhaba ba fela lefatsheng.

5. Hobane ho hlomilwe terone ya mohau moo moahlodi wa nnete a dulang teng, tlung ya Davida, ya tjhesehelang tokiso, ya akofisang ho loka.

6. Re utlwile boikgantsho ba Moabe ya ikgantshang ka ho fetisa, le boikgohomoso ba hae, le boithoriso ba hae, le bohale ba hae, le mashano a hae.