BIBELE e Halalelang

Eksoda 33:4-16 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

4. Setjhaba sa utlwa lentswe leo le tshabehang, sa lla, mme ba se ke ba ikgabisa ka dikgabiso tsa bona.

5. Hobane Jehova o ne a itse ho Moshe: E re ho bana ba Iseraele: Le setjhaba se melala e sataletseng; hoja nka tsamaya ho se hokae le wena, ke be nka o timetsa; jwale, rola dikgabiso tsa hao, ke tle ke tsebe hore na ke tla o etsa jwang.

6. Ka mokgwa oo, bana ba Iseraele ba rola dikgabiso tsa bona ho tloha thabeng ya Horebe.

7. Moshe a nka tente, a itlhomela yona kantle ho diahelo, hole le diahelo; a e bitsa tente ya pokano; mang le mang ya batlang Jehova, o ne a tswela tenteng ya pokano e kantle ho diahelo.

8. Enere ha Moshe a tswela tenteng, batho bohle ba ne ba raoha, ba eme e mong le e mong monyako wa tente ya hae; ba ise mahlo ho Moshe ho fihlela ha a kena tenteng.

9. Enere hobane Moshe a kene tenteng, topallo ya leru e ne e theoha, e eme monyako wa tente, mme Jehova o ne a bua le Moshe teng.

10. Topallo ya leru e ne e bonwa ke setjhaba kaofela ha e ema monyako wa tente, mme setjhaba kaofela se ne se ema, mme ba kgumama e mong le e mong monyako wa tente ya hae.

11. Jehova o ne a bua le Moshe ba tadimane difahleho, ka mokgwa oo motho a buang le motswalle wa hae ka wona, o ntoo kgutlela diahelong; haele mohlanka wa hae, Joshua, mora Nune, wa mohlankana, o ne a sa tlohe tenteng.

12. Yaba Moshe o re ho Jehova: Bona, o itse ho nna: Tsamaisa setjhaba sena, empa ha o a ka wa ntsebisa eo o tla mo roma ho ya le nna, leha o fela o itse: Ke o tseba ka lebitso la hao, o bile o bone mohau ho nna.

13. Jwale hle, ha ekaba ke bone mohau ho wena, o tle o ntsebise le ditsela tsa hao, ke tle ke o tsebe, ke fele ke bone mohau ho wena; mme o bone hoba tjhaba sena ke setjhaba sa hao.

14. Jehova a re: Sefahleho sa ka se tla ya, mme ke tla o phomotsa.

15. Moshe a re ho yena: Ha sefahleho sa hao se sa ye le rona, o se ke wa re tlosa mona.

16. Ho tla tsejwa kang hoba ke bone mohau ho wena, nna le setjhaba sa hao?