BIBELE e Halalelang

Eksoda 22:7-18 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

7. Ekare ha motho a nea wa habo ditjhelete, kapa mesebetsi ho e boloka, mme e utsuwa tlung ya motho eo, ha leshodu le ka fumanwa, le tla lefa habedi.

8. Ha leshodu le sa fumanwe, monga ntlo o tla atamela pela Modimo, hore ho bonwe hore na ha a ka a isa letsoho mesebetsing ya wa habo na.

9. Haele tabeng efe le efe ya molato wa kgomo, kapa wa esele, kapa wa konyana, kapa wa seaparo, leha e ka ba wa ntho e lahlehileng eo ho ka thweng, ke yona ntho e tsekwang ke batho bao ba babedi, e tla tliswa pela Modimo; eo Modimo o tla re, o molato, o tla lefela wa habo habedi.

10. Ekare ha motho a nea wa habo esele, kapa kgomo, kapa konyana, leha e le phoofolo e nngwe ho e boloka, mme e eshwa, kapa e robeha setho, kapa e utsuwa ho sa bonwe motho;

11. kano ya ho ana ka Jehova e tla bewa mahareng a batho bao ba babedi, hore ho bonwe hore na ha a ka a isa letsoho nthong ya wa habo; monga yona o tla dumela kano, mme ha a ka ke a lefelwa letho.

12. Empa ha ho fihlelwa hoba phoofolo e kile ya utsuwa, o tla lefela monga yona.

13. Ha e fela e ne e harolwe, a hlahise bopaki; ha a na ho lefa se harotsweng.

14. Ekare ha motho a adimile phoofolo ho wa habo, mme ya tshoha e robeha setho, kapa ya eshwa, monga yona a le siyo, o tla e lefa.

15. Ha monga yona a ne a le teng, ha a na ho lefa; ha e ne e adimilwe, tefo ya kadimo e eme bakeng sa yona.

16. Ekare ha motho a thetsa morwetsana ya sa lebeletswang, mme a robala le yena, e ka kgona a mo etse mosadi wa hae, a be a mo ntshetse mpho.

17. Ha ntatae a hana ruri ho mo nea yena, o tla lefa ka tjhelete, kamoo serwala sa barwetsana se leng kateng.

18. O se ke wa tlohela moloi a phela.