BIBELE e Halalelang

Eksoda 22:18-29 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

18. O se ke wa tlohela moloi a phela.

19. Ya robalang le phoofolo, a bolawe.

20. Ya hlabelang medimo esele mahlabelo, kantle ho Jehova a nnotshi, a neelwe anathema.

21. O se ke wa hatakela le ho tuba moditjhaba, hobane le lona le bile baditjhaba lefatsheng la Egepeta.

22. Le se ke la tshwenya mosadi wa mohlolohadi, leha e le kgutsana.

23. Ekare ha o ba tshwenya, mme ba tla, ba howeletsa ho nna, ke tla mamela mehoeletso ya bona;

24. bohale ba ka bo tla tuka, mme ke tla le bolaya ka lerumo, basadi ba lona e be bahlolohadi, le bana ba lona e be dikgutsana.

25. Leha o adima e mong wa setjhaba sa ka tjhelete, kapa e leng mofutsana ya leng ha hao, o se ke wa mo etsa kamoo ho ka etsang ya adimelang phaello kateng; o se ke wa mo tlamela phaello.

26. Leha o ka nka seaparo sa wa heno ho se etsa tebeletso, o tle o e buse letsatsi le eso ho dikele;

27. hobane ha a na seaparo se seng; ke yona kobo ya hae ya ho apesa letlalo la hae. A ka robala kang? Leha a ka howeletsa ho nna, ke tla mo utlwa, hobane ke mohau.

28. O se ke wa rohaka Modimo wa hao; hape, o se ke wa nyefola morena wa setjhaba sa heno.

29. O se ke wa dieha ho ntsha lekgetho la seo modiko wa hao o tletseng sona, le la se rothang sehatelong sa hao. O tlo o nnee letsibolo la bara ba hao.