BIBELE e Halalelang

Eksoda 20:6-21 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

6. empa ke hauhela ba nthatang, ba bolokang melao ya ka, ho isa melokong e sekete.

7. O se ke wa tlaela ka lebitso la Jehova, Modimo wa hao, hobane Jehova a ke ke a latola molato wa ya tlaelang ka lebitso la hae.

8. Hopola letsatsi la phomolo ho le kgetha.

9. O tla sebetsa ka matsatsi a tsheletseng, mme o etse mosebetsi wa hao kaofela.

10. Empa letsatsi la bosupa ke phomolo ya Jehova, Modimo wa hao; o se ke wa etsa mosebetsi le o mong ka letsatsi leo, leha e le wena, leha e le mora wa hao, leha e le moradi wa hao, leha e le mohlanka wa hao e motona, leha e le e motshehadi, leha e le kgomo tsa hao, leha e le moeti wa hao ya ka menyakong ya hao.

11. Hobane ka matsatsi a tsheletseng, Jehova o ne a etse mahodimo, le lefatshe, le lewatle, le dintho tsohle tse ho tsona, mme a phomola ka letsatsi la bosupa; ka baka lena, Jehova o hlohonolofaditse letsatsi la phomolo, mme o le beile le kgethehileng.

12. Hlonepha ntatao le mmao, matsatsi a hao a tle a eketsehe lefatsheng leo o le newang ke Jehova, Modimo wa hao.

13. O se ke wa bolaya.

14. O se ke wa feba.

15. O se ke wa utswa.

16. O se ke wa etselletsa wa heno ka leshano.

17. O se ke wa lakatsa ntlo ya wa heno; o se ke wa lakatsa mosadi wa hae, leha e le mohlanka wa hae e motona, leha e le e motshehadi, leha e le kgomo ya hae, leha e le esele ya hae, leha e le ntho e nngwe e leng ya wa heno.

18. Setjhaba sohle se ne se tadimile se utlwa diaduma, le mahadima, le modumo wa terompeta, le thaba e ntse e kubella mosi; setjhaba eitse ha se bona tseo, sa thothomela, sa ikemela hole.

19. Ba re ho Moshe: Wena, bua le rona, mme re tla mamela, Modimo o mpe o se ke wa bua le rona, ra tshoha re eshwa.

20. Moshe a re ho setjhaba: Se tshoheng, feela ke Modimo o tlileng ho le leka, hore le nne le o tshabe, le tle le se ke la etsa sebe.

21. Setjhaba sa nna sa ema hole jwalo, Moshe yena a atamela pela leru le letenya moo Modimo o leng teng.