BIBELE e Halalelang

Eksoda 18:16-24 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

16. Mohla ba nang le nyewe, ba ye ba tle ho nna, mme ke ye ke ahlolele e mong le e mong, ke ba tsebise ditaelo tsa Modimo le melao ya wona.

17. Yaba mohwehadi wa Moshe o re ho yena: Taba eo o e etsang ha e molemo.

18. O ta kgathala ruri, wena le setjhaba sena se nang le wena, hobane mosebetsi o ya o imela, o ka sitwa ho o phetha o nnotshi.

19. Mamela jwale lentswe la ka, ke o eletse, mme Modimo o be le wena! A e be wena ya emang pela Modimo bakeng sa setjhaba, e be wena ya isang ditaba ho Modimo.

20. O ba rute ditaelo le melao, o ba tsebise tsela eo e ka khonang ba ye ka yona, le seo ba tshwanetseng ho se etsa.

21. O ikgethele banna ba bohlale hara setjhaba, ba tshabang Modimo, banna ba sebele, ba ilang bokgonatha; o ba bee balaodi ba dikete, balaodi ba makgolo, balaodi ba mashome a mahlano le balaodi ba mashome.

22. Ba ahlolele setjhaba kamehla; nyewe tse kgolo kaofela ba di tlise ho wena, dinyewe tsohle tse nyenyane ba di ahlole e le bona, ba o imolle, ba jare hammoho le wena.

23. Ekare ha o ka etsa taba ena, mme Modimo ha o ka o laela yona, o tla tseba ho tiya, le setjhaba sena kaofela se tla finyella nqalong ya sona ka kgotso.

24. Yaba Moshe o mamela keletso ya mohwehadi wa hae, a etsa tsohle tseo a mmoleletseng tsona.