BIBELE e Halalelang

Eksoda 18:1-15 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Jethro, moprista wa Midiane, mohwehadi wa Moshe, a utlwa tsohle tseo Modimo o di etseditseng Moshe le Iseraele, setjhaba sa wona, le hoba Jehova o ntshitse Iseraele Egepeta.

2. Yaba Jethro, mohwehadi wa Moshe o nka Sefora, mosadi wa Moshe, eo a neng a mo rometse hae;

3. a nka le bara ba hae ba babedi, lebitso la e mong e le Gershome, hobane a na a itse: Ke bile mojaki naheng esele;

4. lebitso la e mong e le Eliesere, hobane a na a itse: Modimo wa ntate ebile thuso ya ka, mme o nnamoletse lerumong la Faro.

5. Jethro, mohwehadi wa Moshe, a tla le bara ba Moshe le mosadi wa hae ho yena lefeelleng, moo a neng a emisitse teng thabeng ya Modimo.

6. A tsebisa Moshe, a re: Nna, Jethro, mohwehadi wa hao, ke tla ho wena ke na le mosadi wa hao, le bara ba babedi ba hae bao a nang le bona.

7. Yaba Moshe o ya kgahlanyetsa mowehadi wa hae, a inama, a mo aka, mme hoba ba botsane tsa ho phela ha bona, ba ntoo kena tenteng.

8. Yaba Moshe o phetela mohwehadi wa hae tsohle tseo Jehova a di entseng ho Faro le ho Baegepeta ka baka la Iseraele, le ditsietsi tsohle tseo ba hlahetsweng ke tsona tseleng, le kamoo Jehova a ba ntshitseng ho tsona kateng.

9. Jethro a itumela ka baka la molemo wohle oo Jehova a o etseditseng Iseraele, ha a ba namoletse letsohong la Baegepeta.

10. Jethro a re: Ho bokwe Jehova ya le namoletseng letsohong la Baegepeta le letsohong la Faro, ya namoletseng setjhaba letsohong la Baegepeta.

11. Jwale, ke a tseba hobane Jehova o moholo ho medimo e meng kaofela, hobane o ba hlotse tabeng eo ba neng ba ikgantshitse ka yona.

12. Yaba Jethro, mohwehadi wa Moshe, o tlisetsa Modimo setjheso le mahlabelo, mme Aarone le baholo kaofela ba Iseraele ba tla ho tla ja bohobe le mohwehadi wa Moshe, pontsheng ya Modimo.

13. Hosasane, Moshe a dula ho ahlolela sejhaba; setjhaba sa ema pela Moshe ho qala hosasa, ho isa mantsiboya.

14. Eitse ha mohwehadi wa Moshe a bona tsohle tseo a di etsetsang setjhaba, a re: Taba eo o e etsetsang setjhaba ke efe? O dula o nnotshi ka baka lang, mme setjhaba sohle se emetseng pela hao ho qala hosasa ho fihlela mantsiboya?

15. Yaba Moshe o re ho mohwehadi wa hae: Ke hobane setjhaba se tla ho nna ho botsa Modimo.