BIBELE e Halalelang

Eksoda 13:7-16 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

7. Bohobe bo sa lomoswang bo jewe ka matsatsi a supileng, mme bohobe bo lomositsweng bo se ke ba bonwa ha hao, le ditomoso di se ke tsa bonwa ha hao naheng yohle ya hao.

8. O tla tsebisa mora hao ka tsatsi leo, o re: Hona ke kgopotso ya seo Jehova a nketseditseng sona, mohla ke tswang Egepeta.

9. E tla ba pontsho ho wena letsohong la hao, le kgopotso dipakeng tsa mahlo a hao, molao wa Modimo o tle o be molomong wa hao, hobane Jehova o o ntshitse Egepeta ka letsoho le matla.

10. O boloke taelo ena ka nako ya yona, ka mengwaha yohle.

11. Etlere ha Jehova a o fihlisitse naheng ya Bakanana, kamoo a le hlapanyeditseng wena le bontatao kateng, mme a o neile yona,

12. o tle o abele Jehova matsibolo wohle a batho, le matsibolo wohle a diphoofolo tse ho wena; tse tona ebe tsa Jehova.

13. Matsibolo kaofela a diesele o a lopolle ka konyana; ha o sa a lopolle, o a robe molala; matsibolo wohle a batho, baneng ba hao, o a lopolle.

14. Etlare ha mora hao a o botsa mehleng e tlang, a re: Taba ee e reng? o re ho yena: Jehova o re ntshitse ka letsoho le matla Egepeta, tlung ya bohlanka.

15. Enile ya re ha Faro a ntse a hana ho re lokolla, Jehova a bolaya matsibolo kaofela a naha ya Egepeta, ho tloha matsibolong a batho, ho isa matsibolong a diphoofolo; ke ka baka lena ke hlabelang Jehova matsibolo wohle a matona. Bara ba ka kaofela ba matsibolo ke a ba lopolla.

16. E tla ba pontsho letsohong la hao, le moqhaka dipakeng tsa mahlo a hao, hoba Jehova o na a re ntshe Egepeta ka letsoho le matla.