BIBELE e Halalelang

Eksoda 13:1-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Jehova o bua le Moshe, a re:

2. Nkgethele matsibolo kaofela, tsohle tse qalang mpa hara bana ba Iseraele, leha e le a batho, leha e le a diphoofolo; ke a ka.

3. Moshe a re ho setjhaba: Elellwang letsatsi lena leo le tswileng ka lona Egepeta, tlung ya bohlanka, hobane Jehova o le ntshitse teng ka letsoho le matla; le se ke la ja se lomositsweng ka lona.

4. Le tswile ka tsatsi lena, ka kgwedi ya Abibe.

5. Etlere ha Jehova a le fihlisitse lefatsheng la Bakanana, le la Bahethe, le la Baamore, le la Baheve, le la Bajebuse, leo a hlapanyeditseng bontata lona hore o tla le nea lona, lefatshe le kollang lebese le dinotshi, le tle le etse mokgwa ona ka kgwedi ena.

6. Le je bohobe bo sa lomoswang ka matsatsi a supileng, mme tsatsi la bosupa ebe mokete wa Jehova.

7. Bohobe bo sa lomoswang bo jewe ka matsatsi a supileng, mme bohobe bo lomositsweng bo se ke ba bonwa ha hao, le ditomoso di se ke tsa bonwa ha hao naheng yohle ya hao.

8. O tla tsebisa mora hao ka tsatsi leo, o re: Hona ke kgopotso ya seo Jehova a nketseditseng sona, mohla ke tswang Egepeta.

9. E tla ba pontsho ho wena letsohong la hao, le kgopotso dipakeng tsa mahlo a hao, molao wa Modimo o tle o be molomong wa hao, hobane Jehova o o ntshitse Egepeta ka letsoho le matla.

10. O boloke taelo ena ka nako ya yona, ka mengwaha yohle.

11. Etlere ha Jehova a o fihlisitse naheng ya Bakanana, kamoo a le hlapanyeditseng wena le bontatao kateng, mme a o neile yona,

12. o tle o abele Jehova matsibolo wohle a batho, le matsibolo wohle a diphoofolo tse ho wena; tse tona ebe tsa Jehova.

13. Matsibolo kaofela a diesele o a lopolle ka konyana; ha o sa a lopolle, o a robe molala; matsibolo wohle a batho, baneng ba hao, o a lopolle.