BIBELE e Halalelang

Eksoda 11:1-6 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Yaba Jehova o re ho Moshe: Ke sa tlisa kotsi e le nngwe hodima Faro le hodima Egepeta, e be hona a le dumellang ho tsamaya; mme etlare ha a le lokolla, o tla le lelekisa mona, a be a le lelekise.

2. Ako bue jwale ditsebeng tsa setjhaba, hore monna e mong le e mong a kope ho ya ahisaneng le yena, le mosadi e mong le e mong a kope ho ya ahisaneng le yena mesebetsi ya silefera le mesebetsi ya kgauta.

3. Jehova a hauhedisa Baegepeta setjhaba. Hape, le Moshe e ne e le motho e moholo haholo naheng ya Egepeta, mahlong a bahlanka ba Faro, le mahlong a setjhaba.

4. Moshe a re: Ho thwe ke Jehova: Ka bosiu bo boholo, ke tla haola ka Egepeta;

5. matsibolo kaofela a lefatshe la Egepeta a tla shwa, ho qala ka letsibolo la Faro ya dutseng teroneng ya hae, ho isa ho letsibolo la lekgabunyane le dutseng kamora lelwala, le matsibolo kaofela a diphoofolo.

6. Ho ya ba dillo tse kgolo naheng yohle ya Egepeta, tseo ho esong ho be tse kalo, mme ho ke keng ha hlola ho eba tse kalo.