BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 9:7-19 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

7. Empa Jehova o busa ka ho sa feleng; terone ya hae o e lokiseditse kahlolo;

8. o tla ahlola lefatshe ka ho loka, a neele ditjhaba dikahlolo tse lokileng.

9. Jehova ke setshabelo ho ya tujwang, setshabelo sa hae mehleng ya matswalo.

10. Ba tsebang lebitso la hao ba itshepisa ka wena; hobane wena, Jehova, ha o tlohele ba o batlang.

11. Binelang Jehova ya ahileng Sione; behelang ditjhaba diketso tsa hae tse phahameng;

12. hobane yena mophetetsi wa madi o a di hopola, hobane ha a lebale mohoweletso wa ba madimabe.

13. Nkgauhele, Jehova; bona bomadimabe boo ba ntlhoileng ba nkgatakelang ka bona, wena ya nnyollang menyakong ya lefu,

14. ke tle ke tumise dithoko tsa hao kaofela dikgorong tsa moradi wa Sione, ke thabele poloko ya hao!

15. Baditjhaba ba tebela lemeneng leo ba itjheketseng lona; maoto a bona a tshwaswa lerabeng leo ba le patileng.

16. Jehova o iponahaditse, o lokisitse; o tshwasa ya kgopo ketsong ya diatla tsa hae. (Higgaione. Sela.)

17. Bakgopo ba leba nqalong ya bafu, ho jwalo le ditjhaba kaofela tse lebetseng Modimo.

18. Hobane mofutsana a ke ke a lebalwa kamehla, mme tshepo ya ba madimabe e ke ke ya timela ka ho sa yena kae.

19. Tsoha, Jehova, hore motho a se ke a ipha matla, ditjhaba di tle di ahlolwe pela hao.