BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 81:13-16 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

13. Oho! hola setjhaba sa ka se rata ho nkutlwa, mme Iseraele a tsamaya ditseleng tsa ka!

14. Nka be ke phakisa ho kokobetsa dira tsa bona, nka be ke fetolela letsoho la ka ho bahanyetsi ba bona.

15. Ba hloyang Jehova ba ka be ba ipea katlasa hae, mme tjhaba sa ka se ne se tla bona lehlohonolo le sa feleng!

16. Ke ne nka ba fepa ka lefi la phofo, ke na nka ba kgorisa ka dinotshi tsa mafika!