BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 68:5-16 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. Ntata dikgutsana, moemedi wa bahlolohadi, ke Modimo moahong o halalelang wa wona.

6. Modimo o lokisetsa ba qhalaneng bodulo, o lokolla ba tshwerweng ho ba kenya naleng; empa bakwenehi ba ikahella naheng e tshehla.

7. Modimo, enere mohla o etellang setjhaba sa hao pele, ha o haola kahara lefeella, (Sela.)

8. lefatshe la reketla, mahodimo a ruthutha pela Modimo, le yona Sinai pela sefahleho sa Modimo, Modimo wa Iseraele.

9. Modimo wa nesa pula ya medupe, mme lefa la hao le kgathetseng wa le tiisa.

10. Phutheho ya hao ya ikahella teng; wa lokisetsa ya lesitsi mohau wa hao, Modimo!

11. Morena o utlwahatsa lentswe la hae; basadi ba tsebisang hlolo ke lekgotla le leholo, ba re:

12. Marena a ditjhaba a baleha, a baleha; mme basadi ba disang matlo ba arolelana kgapo.

13. Na le tla nne le phomole hara masaka? Mapheo a leeba a apesitswe ka silefera, le masiba a lona ka kgauta e tshehla.

14. Yare ha Ya matla wohle a qhalanya marena, naha ya nna ya sweufala jwaloka Tsalmone ha lehlwa le kgetheha.

15. Thaba tsa Modimo, thaba tsa Bashane, thaba tse dihlorohloro, thaba tsa Bashane,

16. na lona, dithaba tse dihloro, le honohellang thaba e kgethilweng ke Modimo ho aha teng na? E, Jehova o tla aha ho yona ka ho sa feleng.