BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 68:11-26 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

11. Morena o utlwahatsa lentswe la hae; basadi ba tsebisang hlolo ke lekgotla le leholo, ba re:

12. Marena a ditjhaba a baleha, a baleha; mme basadi ba disang matlo ba arolelana kgapo.

13. Na le tla nne le phomole hara masaka? Mapheo a leeba a apesitswe ka silefera, le masiba a lona ka kgauta e tshehla.

14. Yare ha Ya matla wohle a qhalanya marena, naha ya nna ya sweufala jwaloka Tsalmone ha lehlwa le kgetheha.

15. Thaba tsa Modimo, thaba tsa Bashane, thaba tse dihlorohloro, thaba tsa Bashane,

16. na lona, dithaba tse dihloro, le honohellang thaba e kgethilweng ke Modimo ho aha teng na? E, Jehova o tla aha ho yona ka ho sa feleng.

17. Makoloi a Modimo a dikete tse mashome a mabedi, dikete le diketekete; morena o mahareng a wona; Sinai o sehalalelong.

18. O nyolohetse phahameng, o isitse batshwaruwa kgolehong, o nkile dineo ho batho le ho bona bakwenehi, hore Jehova Modimo a tle a tsebe ho aha teng.

19. Morena a ke a roriswe ka matsatsi wohle; o jara boima ba rona ka matsatsi wohle. (Sela.)

20. Modimo ho rona ke Modimo o bolokang; Jehova Morena o tseba ho ntsha lefung.

21. E, Modimo o tla bata hlooho ya bao e leng dira ho wona, lehata le sehlotho la ya itsamaelang dibeng tsa hae.

22. Morena o itse: Ke sa tla ba lata Bashane, ke ba late le bodibeng ba lewatle;

23. hore maoto a hao a hate mading, mme leleme la dintja tsa hao le abelwe ditopo tsa dira tsa hao.

24. Modimo, ba bone motsamao wa hao, motsamao wa Modimo wa ka, wa Morena wa ka sehalalelong.

25. Dibini di tsamaya sehloohong, ba letsang dithomo ba tla kamora tsona, mahareng a barwetsana ba teang meropa.

26. Ba re: Rorisang Modimo diphuthehong; le rorise Morena, lona ba tswang lesikeng la Iseraele!