BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 51:3-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

3. Hobane ke tseba ditlolo tsa ka, sebe sa ka se pela ka kamehla.

4. Ke sitetswe wena, wena o nnotshi; ke entse ho leng hobe mahlong a hao; ke moo ho loka ha hao ho tla bonahala ha o bua, le hlweko ya hao ha o ahlola.

5. Bona, ke tswaletswe bokgopong, mme o nkemoletse sebeng.

6. Empa wena, o rata nnete pelong ya motho. O ntsebise bohlale sephiring sa ka!

7. O foke hodima ka ka hisopa, ke tle ke phekolehe! O ntlhatswe, ke tle ke fetisa lehlwa ka bosweu!

8. O nkutlwise nyakallo le thabo! Masapo a ka ao o a robileng a ke a hlasimolohe!

9. O furalle dibe tsa ka, o hlakole makgopo a ka kaofela!

10. Oho Modimo, o bope kahare ho nna pelo e hlwekileng, o boele o lokise kahare ho nna moya o tiileng!

11. O se ke wa ntelekisa pela sefahleho sa hao, o se ke wa nkamoha moya wa hao o halalelang!

12. O mpuseletse thabo ya poloko ya hao, nke ke tiiswe ke moya o mafolofolo.

13. Ebe moo ke rutang batlodi ditsela tsa hao, mme baetsadibe ba tla kgutlela ho wena.