BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 34:12-19 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

12. Leha o ka ba mang ya ratang ho phela, ya lakatsang dilemo ho ja lehlohonolo,

13. tshabisa leleme la hao bolotsana, o phemise melomo ya hao dipolelo tsa ho thetsa;

14. sesefa bobe, o etse botle; batla kgotso, o e latelle.

15. Mahlo a Jehova a ntse a tadimile ba lokileng, ditsebe tsa hae di bulehetse mehoo ya bona.

16. Sefahleho sa Jehova se tjamela ba bolotsana ho tlosa ho hopolwa ha bona lefatsheng.

17. Ba lokileng ha ba howa, Jehova o a ba utlwa, o ba imolla matswalong a bona kaofela.

18. Jehova o haufi le ba pelo tse robehileng, o thusa ba meya e teteditsweng.

19. Mahlomola a ya lokileng a mangata; empa Jehova o mo ntsha ho wona kaofela;