BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 34:1-12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ke tla rorisa Jehova kamehla; thoko ya hae e tla ba molomong wa ka kamehla.

2. Moya wa ka o ithorise ka Jehova! Ba pelo di nolo a ba utlwe hoo, mme ba thabe!

3. Kopanang le nna ho tlotlisa Jehova; bohle, re hodiseng lebitso la hae hammoho.

4. Ka na ka batla Jehova, mme a nkaraba, a ba a mpholosa ho tshabeng ha ka kaofela.

5. Ya tadimang ho yena o a ediswa, dihlong ha di sa tla ba sefahlehong sa hae.

6. Mohlomohi ha a rapela, Jehova o a utlwa; o mo pholosa mahlomoleng a hae kaofela.

7. Lengeloi la Jehova le lara pela ba mo tshabang, le a ba boloka.

8. Latswang, le bone hoba Jehova o molemo! Ho lehlohonolo motho ya tshabelang ho yena!

9. Tshabang Jehova, lona bakgethwa ba hae, hobane ha ho letho le hlokwang ke ba mo tshabang.

10. Ditawana di ka hloka, tsa lapa; empa ba batlang Jehova ha ba haellwe ke molemo leha o le mong.

11. Tloong, lona bara ba ka, le mmamele; ke tla le ruta ho tshaba Jehova.

12. Leha o ka ba mang ya ratang ho phela, ya lakatsang dilemo ho ja lehlohonolo,