BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 33:8-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

8. Lefatshe kaofela a le ke le tshabe Jehova! Baahi bohle ba lefatshe a ba ke ba thothomele pela hae!

9. Hobane, ha a bua, ho ye ho hlahe ntho; leha a laela, e ye e be teng.

10. Jehova o etsa merero ya batho ntho feela; o tshwephola mehopolo ya ditjhaba.

11. Merero ya Jehova e tiile ka ho sa feleng, mehopolo ya pelo ya hae e eme ka ho sa yeng kae.

12. Ho lehlohonolo setjhaba seo Jehova e leng Modimo wa sona, le batho bao a ikgethetseng bona ho ba lefa la hae!

13. Jehova o tadima a le lehodimong, o bona bara ba batho kaofela.