BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 33:3-12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

3. Mmineleng sefela se setjha, lohlanang ka dikgoba, le utlwahatse diletsa tsa lona le mantswe a lona!

4. Hobane lentswe la Jehova le lokile, o tshepeha diketsong tsohle tsa hae.

5. O rata tokelo le ho loka; lefatshe le tletse mehauhelo ya Jehova.

6. Mahodimo a entswe ke lentswe la Jehova, le makgotla wohle a wona ke pudulo ya molomo wa hae.

7. O bokella metsi a lewatle hammoho, a ka qubu; o boloka bodiba dipolokelong tsa hae.

8. Lefatshe kaofela a le ke le tshabe Jehova! Baahi bohle ba lefatshe a ba ke ba thothomele pela hae!

9. Hobane, ha a bua, ho ye ho hlahe ntho; leha a laela, e ye e be teng.

10. Jehova o etsa merero ya batho ntho feela; o tshwephola mehopolo ya ditjhaba.

11. Merero ya Jehova e tiile ka ho sa feleng, mehopolo ya pelo ya hae e eme ka ho sa yeng kae.

12. Ho lehlohonolo setjhaba seo Jehova e leng Modimo wa sona, le batho bao a ikgethetseng bona ho ba lefa la hae!