BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 33:14-22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

14. Nqalong ya bodulo ba hae o lemoha baahi ba lefatshe kaofela.

15. Ke yena ya bopileng dipelo tsa bona bohle, ya elang mesebetsi ya bona kaofela hloko.

16. Ha ho morena ya ka hlolang ka bongata ba makgotla a hae, ha ho mohale ya ka bolokehang ka boholo ba matla a hae.

17. Pere hase ntho e hlolang, motho a ke ke a phonyoha ka matla a yona.

18. Bonang, mahlo a Jehova a hodima ba mo tshabang, ba tshepang mohau wa hae,

19. ho holla meya ya bona lefung le ho ba phedisa mehleng ya tlala.

20. Meya ya rona e itshepetse Jehova: ke yena thuso ya rona le thebe ya rona.

21. Hobane pelo tsa rona di ithabela ho yena, hobane re tshepile lebitso la hae le halalelang.

22. Mohau wa hao, Jehova, a o be hodima rona, jwalokaha re itshepetse wena.