BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 33:1-9 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Lona ba lokileng, le thabele Jehova! Thoko e tshwanela batho ba lokileng.

2. Rorisang Jehova ka harepa, le mminele ka thomo ya dikgole tse leshome!

3. Mmineleng sefela se setjha, lohlanang ka dikgoba, le utlwahatse diletsa tsa lona le mantswe a lona!

4. Hobane lentswe la Jehova le lokile, o tshepeha diketsong tsohle tsa hae.

5. O rata tokelo le ho loka; lefatshe le tletse mehauhelo ya Jehova.

6. Mahodimo a entswe ke lentswe la Jehova, le makgotla wohle a wona ke pudulo ya molomo wa hae.

7. O bokella metsi a lewatle hammoho, a ka qubu; o boloka bodiba dipolokelong tsa hae.

8. Lefatshe kaofela a le ke le tshabe Jehova! Baahi bohle ba lefatshe a ba ke ba thothomele pela hae!

9. Hobane, ha a bua, ho ye ho hlahe ntho; leha a laela, e ye e be teng.