BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 148:1-4 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Bokang Jehova!Rorisang Jehova mahodimong! Mo roriseng bophahameng ba sebaka!

2. Mo roriseng, lona mangeloi a hae kaofela! Mo roriseng, lona makgotla a hae kaofela!

3. Mo roriseng, lona letsatsi le kgwedi! Mo roriseng kaofela, lona dinaledi tse kganyang!

4. Mo roriseng, lona mahodimo a mahodimo, le lona, metsi a hodimo ho mahodimo!