BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 147:8-20 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

8. O thiba lehodimo ka maru, o lokisa pula ho na lefatsheng; o medisa jwang dithabeng;

9. o fa diphoofolo dijo tsa tsona, o fepa madinyane a makgwaba a llang.

10. Ha a re letho ka matla a pere, ha a kgahliswe ke maoto a motho.

11. Jehova o kgahliswa ke ba mo tshabang, ba itshepelang mohau wa hae.

12. Jerusalema, rorisa Jehova! Sione, o roke Modimo wa hao!

13. Hobane o tiisa mekwallo ya menyako ya hao, o hlohonolofatsa bara ba hao kahare ho wena.

14. O bea kgotso meeding ya hao, o o kgorisa ka moko wa koro.

15. O romela lefatshe taelo ya hae, lentswe la hae le tjhatjhametsa kapelepele.

16. O nesa lehlwa, le lesweu jwaloka boya ba nku; o hasa serame fatshe jwaloka molora;

17. o diha sefako sa hae se thata; ke mang ya ka tsebang ho ema pela dirame tsa hae?

18. O romela lentswe la hae, a di qhibidihise; o fokisa moya wa hae, metsi a phorosetse.

19. O senoletse Jakobo lentswe la hae, o neile Iseraele melao ya hae le dikahlolo tsa hae.

20. Ha a ka a etsa jwalo bakeng sa ditjhaba tse ding kaofela, mme ha di tsebe dikahlolo tsa hae. Bokang Jehova!