BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 147:1-10 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Rorisang Jehova, hobane ho hotle ho roka Modimo wa rona; e, ke ntho e monate; thoko e a mo tshwanela.

2. Jehova o tsosa Jerusalema, o bokella balelekwa ba Iseraele.

3. O fodisa ba pelo di hlabehileng, o tlamella maqeba a bona.

4. O lekanya palo ya dinaledi, o di rea mabitso kaofela.

5. Morena wa rona o moholo, matla a hae a maholo ka ho fetisisa; kutlwisiso ya hae ha e na ho lekanngwa.

6. Jehova o tsosa ba ikokobetsang, o kokobetsa ba babe ho isa fatshe.

7. Binelang Jehova diteboho, le roke Modimo wa rona ka harepa!

8. O thiba lehodimo ka maru, o lokisa pula ho na lefatsheng; o medisa jwang dithabeng;

9. o fa diphoofolo dijo tsa tsona, o fepa madinyane a makgwaba a llang.

10. Ha a re letho ka matla a pere, ha a kgahliswe ke maoto a motho.