26. Ho hlohonolofale ya tlang ka lebitso la Jehova! Re a le hlohonolofatsa, rona ba ntlo ya Jehova.
27. Jehova ke Modimo, mme ke yena ya re bonesang. Tshwarang kgomo ya sehlabelo ka marapo, le e tlise manakeng a aletare!
28. O Modimo wa ka, ke o roka ke hona; o Modimo wa ka, ke a o rorisa.
29. Rokang Jehova, hobane o molemo, etswe mohau wa hae o hlola ka ho sa feleng.