14. Jehova ke matla a ka le pina ya ka; ebile ke yena poloko ya ka.
15. Mehoo ya dipina tsa hlolo le tsa topollo di duma ditenteng tsa ba lokileng, ba re: Letsoho le letona la Jehova le bonahaditse matla a lona;
16. letsoho le letona la Jehova le phahamile, letsoho le letona la Jehova le bonahaditse matla a lona.
17. Nke ke ka shwa, empa ke tla phela, ke bolele diketso tsa Jehova.
18. Jehova o ne a nkotle hathata; empa ha a ka a nneela lefu.
19. Mpuleleng menyako ya ho loka; ke tla kena ka yona, ke roke Jehova.
20. Ke wona monyako wa Jehova; ba lokileng ba tla kena ka wona.
21. Ke a o leboha, hobane o nkutlwile, e bile ke wena poloko ya ka.
22. Lejwe le lahlilweng ke bahahi, le fetohile lejwe la ntlha, la motheo.
23. Hoo ho entswe ke Jehova; ke mehlolo mahlong a rona.
24. Ke lona leo letsatsi le entsweng ke Jehova; a re thabeng, re be re nyakalle ka lona.