12. Leha di ka mpokanela jwaloka dinotshi, di tla tingwa jwaloka mollo wa meutlwa. Ruri, ka lebitso la Jehova, ke tla di qhalanya.
13. O ratile ho nthapalatsa ka ho ntshusumetsa, empa Jehova e bile thuso ya ka.
14. Jehova ke matla a ka le pina ya ka; ebile ke yena poloko ya ka.
15. Mehoo ya dipina tsa hlolo le tsa topollo di duma ditenteng tsa ba lokileng, ba re: Letsoho le letona la Jehova le bonahaditse matla a lona;
16. letsoho le letona la Jehova le phahamile, letsoho le letona la Jehova le bonahaditse matla a lona.
17. Nke ke ka shwa, empa ke tla phela, ke bolele diketso tsa Jehova.
18. Jehova o ne a nkotle hathata; empa ha a ka a nneela lefu.
19. Mpuleleng menyako ya ho loka; ke tla kena ka yona, ke roke Jehova.