BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 103:8-18 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

8. Jehova o mohau, o lereko, o dieha ho halefa, o ruile mehauhelo e mengata.

9. Ha a tsekise kamehla, hlonamo ya hae hase e sa feleng.

10. Ha a ka a re etsa kamoo dibe tsa rona di leng kateng, ha a ka a re putsa ka moputso wa makgopo a rona.

11. Empa jwaloka lehodimo ha le phahamile hodimo ho lefatshe, mohau wa hae o moholo jwalo ho ba mo tshabang.

12. Jwalokaha botjhabela bo le hole le bophirimela, o lahlela makgopo a rona jwalo hole le rona.

13. Jwalokaha ntata motho a hauhela bana ba hae, Jehova o hauhela jwalo ba mo tshabang.

14. Hobane o tsebisisa ho bopjwa ha rona, o elellwa hoba re lerole feela.

15. Motho, ditshiu tsa hae di jwaloka jwang; o kgaba jwaloka palesa ya naha;

16. ha moya o feta hodima yona, e se e le siyo, esita le tulo tsa yona ha di sa e tseba.

17. Empa mohau wa Jehova o hlola o le teng kamehla le mehla ho ba mo tshabang, le ho loka ha hae ho bana ba bana ba bona,

18. e leng ba bolokang selekane sa hae, ba elellwang ditaelo tsa hae ho di phetha.