BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 103:17-22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

17. Empa mohau wa Jehova o hlola o le teng kamehla le mehla ho ba mo tshabang, le ho loka ha hae ho bana ba bana ba bona,

18. e leng ba bolokang selekane sa hae, ba elellwang ditaelo tsa hae ho di phetha.

19. Jehova o beile terone ya hae mahodimong, mme borena ba hae bo busa dintho tsohle.

20. Bokang Jehova, lona mangeloi a hae, bahale ba matla, ba phethang lentswe la hae, ba mamelang molomo wa hae!

21. Bokang Jehova, lona makgotla a hae kaofela, lona bahlanka ba hae kaofela, ba etsang ho ratwang ke yena!

22. Bokang Jehova, lona mesebetsi ya hae kaofela, nqalong tsohle tsa borena ba hae! Moya wa ka, o boke Jehova!