BIBELE e Halalelang

Deuteronoma 8:10-20 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

10. O tla ja o kgore, mme o tla boka Jehova, Modimo wa hao, ka baka la lefatshe le molemo leo a o neang lona.

11. Iponele, o se lebale Jehova, Modimo wa hao, ka ho se boloke ditaelo tsa hae, le dikahlolo tsa hae, le melao ya hae, eo ke o laelang yona kajeno,

12. esere mohlomong, ha o se o jele, o kgotshe, mme o hahile matlo a matle, o dutse ho wona,

13. ha dikgomo tsa hao, le dinku tsa hao di atile haholo, ha o ruile silefera le kgauta e ngata, mme dintho tsohle tsa hao di atile,

14. pelo ya hao ya ikgohomosa, mme wa lebala Jehova, Modimo wa hao, ya o nyolotseng naheng ya Egepeta, tlung ya bohlanka;

15. ya o tsamaisitseng nahathothe eo e kgolo, e tshabehang, e nang le dinoha tse tjhesang le diphepheng, naha e omeletseng, e se nang metsi; Jehova, ya o ntsheditseng metsi lefikeng le thata,

16. ya o fepileng nahathothe ka manna, eo bontatao ba sa kang ba e tseba; a tle a o kokobetse, a o leke, hore a tle a o hlohonolofatse mehleng e tlang.

17. Iponele, o tle o se ke wa re ka pelong ya hao: Ke ruile dintho tseo ka matla a ka, ka matla a matsoho a ka.

18. O mpe o hopole Jehova, Modimo wa hao, hobane ke yena ya o neang matla a ho rua dintho tseo, hore a tiise selekane sa hae, seo a se anetseng bontatao, jwalokaha ho le jwalo le kajeno.

19. Empa ekare ha o leballa ruri Jehova, Modimo wa hao, o latela medimo esele, o e sebeletsa, o e kgumamela, kajeno ke a le pakela, ke re, le tla timella ruri.

20. Le tla timela jwaloka ditjhaba tseo Jehova a yang ho di fedisa pela lona, ha le ka hana ho utlwa lentswe la Jehova, Modimo wa lona.