BIBELE e Halalelang

Deuteronoma 20:9-20 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

9. Mme etlare ha bahlahlobi ba qetile ho bua le setjhaba, ba tla bea balaodi ba makgotla ho tsamaisa setjhaba.

10. Etlere ha o atametse motse ho o lwantsha, o o beele tsa kgotso;

11. mme ekare ha batho ba motse ba o nea karabo ya kgotso, mme ba o bulela dikgoro tsa wona, batho bohle ba wona ba tla o ntshetsa lekgetho, ba o sebeletse.

12. Ha ba hana ho etsa kgotso le wena, ba mpa ba re ba lwana le wena, teng o tla thibella motse.

13. Ha Jehova, Modimo wa hao, a o neela matsohong a hao, o tla bolaya ba batona bohle ka bohale ba lerumo.

14. Haele basadi, le bana, le dikgomo, le tsohle tsa motse, thepa yohle ya wona, o ikgapele tsona, mme o je thepa ya dira tsa hao, eo o e neilweng ke Jehova, Modimo wa hao.

15. Etsa jwalo ka metse yohle e hole haholo le wena, eo e seng metse ya ditjhaba tsena.

16. Empa haele metse ya ditjhaba tsena Jehova, Modimo wa hao, a o fang lefatshe la tsona ho le rua, o se ke wa lesa ntho e phefumolohang e phela;

17. o mpe o ba neele anathema e leng Bahethe, le Baamore, le Bakanana, le Baferese, le Baheve, le Bajebuse, jwalokaha Jehova, Modimo wa hao, a o laetse;

18. hore ba tle ba se ke ba le ruta ho etsa manyala wohle a bona, e leng manyala ao ba a etsetsang medimo ya bona, mme le se sitelwe Jehova, Modimo wa lona.

19. Etlare ha o thibella motse o mong ka matsatsi a mangata o ntse o o lwantsha ho o kena, o ke ke wa senya difate ka ho di rema ka selepe, o mpe o je ditholwana tsa tsona, mme o se ke wa di rema hore o ithuse ka tsona. Hobane sefate se naheng na ke motho hore se lwantshwe ke wena na?

20. Empa difate tseo le tsebang hobane ha se tse behang dijo, o ka di senya wa di rema, mme ka tsona wa haha mesebetsi ya ho thibella motse o nang le ntwa le wena o be o kenwe ke wena.