BIBELE e Halalelang

Deuteronoma 16:6-16 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

6. e mpe e be nqalong eo Jehova, Modimo wa hao, a tla e kgetha ho bea lebitso la hae ho yona; ke hona moo o tla hlaba Paseka, mantsiboya ha letsatsi le dikela, nakong e jwaloka eo o tswileng Egepeta ka yona.

7. O tla e apeha, o e je nqalong eo Jehova, Modimo wa hao, a tla e kgetha, mme hosasane o kgutle, o boele ditenteng tsa hao.

8. Ka matsatsi a tsheletseng, o je bohobe bo sa lomoswang; haele letsatsi la bosupa ke la phutheho e kgolo ya Jehova, Modimo wa hao; o se ke wa etsa mosebetsi leha o le mong ka lona.

9. O tla bala diveke tse supileng, o qale ho bala diveke tse supileng hona ka nako eo o kenyang sekele korong ya hao ka yona;

10. mme o etsetse Jehova, Modimo wa hao, mokete wa Diveke, o abele Modimo kabelo kamoo matsoho a hao a ratang ho leboha kateng, o nee ho seo Jehova, Modimo wa hao, a o hlohonolofaditseng ka sona.

11. O thabe pela Jehova, Modimo wa hao, wena, le mora wa hao, le moradi wa hao, le mohlanka wa hao e motona, le e motshehadi, le Molevi ya menyakong ya hao, le moditjhaba, le kgutsana, le mosadi wa mohlolohadi ya leng ha eno, nqalong eo Jehova, Modimo wa hao, a tla e kgetha ho bea lebitso la hae ho yona.

12. O tla hopola hobane o bile mofo Egepeta, o boloke melao eo, mme o etse ka yona.

13. Ha o se o bokeletse hae tsa diotlo le tsa dihatelo tsa hao, o tla etsa mokete wa metlotlwane ka matsatsi a supileng.

14. Mokete oo wa hao o thabelwe ke wena, le ke mora wa hao, le ke moradi wa hao, le mohlanka wa hao e motona, le e motshehadi, le Molevi, le moditjhaba, le kgutsana, le mosadi wa mohlolohadi, ba ahileng menyakong ya hao.

15. Etsetsa Jehova, Modimo wa hao, mokete wa matsatsi a supileng, nqalong eo Jehova a tla e kgetha; hobane Jehova, Modimo wa hao, o tla o hlohonolofatsa kotulong yohle ya hao, le mesebetsing yohle ya matsoho a hao; mme o tla thaba kannete.

16. Hararo ka selemo, ba batona bohle ba heno ba tla itlhahisa pela Jehova, Modimo wa hao, nqalong eo a tla e kgetha, mohla mokete wa mahobe a sa lomoswang, le mohla mokete wa Diveke, le mohla mokete wa Metlotlwane: ba se ke ba itlhahisa pela Jehova ba le feela;