BIBELE e Halalelang

Deuteronoma 15:13-23 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

13. Ha o mo kgutlisa ho wena a lokolohile, o se ke wa mo lesa a ya a le feela.

14. O mpe o mo baballe ka mpho e nngwe ya dinku tsa hao, le ya tsa seotlo sa hao, le ya tsa sehatelo sa hao sa veine; o mo fe tsa tseo Jehova, Modimo wa hao, a o hlohonolofaditseng ka tsona.

15. O tla hopola hobane o bile mofo naheng ya Egepeta le hobane o lopolotswe teng ke Jehova, Modimo wa hao; ke ka baka leo ke o laelang hoo kajeno.

16. Empa ekare ha a o bolella, a re: Ha ke rate ho tloha ho wena; kahobane o a o rata, wena le ntlo ya hao, le hobane o iketlile ha hao;

17. o tle o nke lemao, mme ka lona o mo phunyetse tsebe lemating la monyako, mme e tla ba mohlanka wa hao kamehla; le bakeng sa mohlanka wa hao e motshehadi o etse jwalo.

18. E se ke ya eba taba e bohloko ho wena ho mo lokolla feela hore a tle a tlohe ho wena; hobane o o sebeleditse ka dilemo tse tsheletseng, e le ya loketsweng ke moputso wa mohlanka habedi; mme Jehova, Modimo wa hao, o tla o hlohonolofatsa ho tsohle tse o di etsang.

19. Matsibolo a matona wohle a tswallwang dikgomong le dinkung tsa hao, o a kgethele Jehova, Modimo wa hao; o se ke wa sebetsa ka matsibolo a dikgomo tsa hao, mme o se ke wa kuta matsibolo a dinku tsa hao.

20. Ka selemo se seng le se seng, a jewe ke wena le ke ba ntlo ya hao, pela Jehova, Modimo wa hao, nqalong eo Jehova a tla ikgethela yona.

21. Empa ekare ha phoofolo eo e na le sekodi, kapa e le sehlotsa, kapa sefofu, mohlomong e na le bohole bo bong, o se ke wa e hlabela Jehova, Modimo wa hao.

22. E jewe ke wena menyakong ya hao; ya sa hlwekang le ya hlwekileng ba je jwalokaha ho jewa tshephe le kgama.

23. Feela o se ke wa ja madi; o a tshollele fatshe jwaloka metsi.