Baheberu

  1. 1
  2. 2
  3. 3
  4. 4
  5. 5
  6. 6
  7. 7
  8. 8
  9. 9
  10. 10
  11. 11
  12. 12
  13. 13

BIBELE e Halalelang

Baheberu 2 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ka baka leo, e ka kgona re ele ka ho fetisisa ditaba tseo re di utlwileng hloko, esebe ra suthela hole le tsona.

2. Hobane ha esitile lentswe le boletsweng ka mangeloi le sa ka la lesa ho tiya, mme ho tlola le ho se utlwe hohle ha ba ha hlahelwa ke moputso o ho lekanang,

3. ana re tla phonyoha jwang, ha re sa hlokomele poloko e kalo, e neng e qale ho bolelwa pele ke Morena, ya ntoo tiiswa ho rona ke ba e utlwileng,

4. ha Modimo o ntse o omela hammoho le bona ka dipontsho, le meeka, le diketso tse ngata tse matla, le ka dineo tse ajwang ke Moya o Halalelang, kamoo o ratang kateng?

5. Hobane lefatshe le tlang ho tla leo re le bolelang, ha o a ka wa le bea pusong ya mangeloi.

6. Empa e mong o pakile lengolong le leng, a re: Motho keng ha o tla mo hopola, kapa ngwana motho keng ha o tla mo hlokomela?

7. O mmeile ka sebaka se seng sekae katlasana ho mangeloi; a mo rwesitse moqhaka wa kganya le wa hlompho, mme o mmeile ho busa mesebetsi ya matsoho a hao.

8. O beile ntho tsohle katlasa maoto a hae. Mme ha ho thwe: Tsohle di beilwe katlasa hae, ha ho a leswa letho le sa bewang katlasa hae; athe ha re eso ho bone jwale hoba tsohle di beilwe katlasa hae.

9. Empa re bona Jesu ya neng a beilwe ka sebaka se seng sekae katlasana ho mangeloi, a rwesitswe moqhaka wa kganya le wa hlompho ka baka la lefu leo a le utlwileng, hore, ka mohau wa Modimo, a utlwe lefu ka baka la bohle.

10. Efela ho ne ho tshwaneleha hoba yena eo ntho tsohle di etseditsweng yena, eo tsohle di entsweng ke yena, ha a ne a tla isa bana ba bangata kganyeng, a phethisise ka bohloko eo e leng Morena wa poloko ya bona.

11. Hobane leha e le ya halaletsang, leha e le ba halaletswang, ke ba a le mong bohle; ka baka leo, ha a na dihlong tsa ho ba bitsa banababo,

12. ha a re: Ke tla bolella banabeso lebitso la hao, ke o binele difela hara phutheho.

13. Hape o re: Ke tla mo tshepa. Hapehape o re: Bona, ke nna enwa le bana bao Modimo o nneileng bona.

14. Mme kahobane bana ba na le kabelo nameng le mading, le yena o ile a ba le kabelo teng jwaloka bona, hore a fedise ka lefu la hae ya nang le mmuso wa lefu, ke ho re, Diabolose,

15. mme a lokolle bohle ba neng ba le bohlankeng ka matsatsi wohle a ho phela ha bona ke ho tshaba lefu.

16. Hobane kannete ha a ka a tlela mangeloi, empa o tletse leloko la Abrahama.

17. Ka baka leo, ho ne ho tshwanetse hobane a ka etswa ya tshwanang kahohle le banababo, e tle e be moprista e moholo ya mohau, ya tshepehang ditabeng tsa Modimo, a tle a etsetse dibe tsa setjhaba pheko.

18. Hobane erekaha a utlwile bohloko mohla a lekwang, ke kahoo a tsebang ho thusa ba lekwang.