Baheberu

  1. 1
  2. 2
  3. 3
  4. 4
  5. 5
  6. 6
  7. 7
  8. 8
  9. 9
  10. 10
  11. 11
  12. 12
  13. 13

BIBELE e Halalelang

Baheberu 1 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Mora Modimo o phahame ho feta mangeloi le dibopuwa tsohle. — Ha a ikokobeditse, e bile ho tla pholosa baetsadibe.

1. Modimo, ha o ne o buile hangata mehleng ya kgale, le ka mekgwa e mengata, le bontata rona ka baporofeta,

2. jwale, mehleng ena ya qetello o buile le rona ka Mora, eo o mmeileng mojalefa wa ntho tsohle, eo hape o entseng ka yena tse bopilweng kaofela.

3. Yena eo e leng lehlasedi la kganya ya wona, le setshwantsho sa boleng ba wona, ya kakatlelang dintho tsohle ka lentswe la matla a hae, eitse hobane a etse hlatsuo ya dibe tsa rona, o ile ho dula ka letsohong le letona la Boholo bo hodimo;

4. a etswa ya kahodimo ho mangeloi, jwalokaha lebitso leo a le ruileng ka mokgwa wa lefa le fetisa la wona ka boholo.

5. Hobane ke ho lefe ho mangeloi Modimo o kileng wa re le ka mohla o le mong: O Mora wa ka, ke o tswetse kajeno? Hape, ke ho lefe o itseng: Ke tla ba Ntatae, yena e be Mora wa ka?

6. Hape, mohla o tlisang Mora wa wona wa letsibolo lefatsheng, o itse: Mangeloi wohle a Modimo a mo kgumamele.

7. Athe haele ka mangeloi, o itse: O etsa mangeloi a wona meya e fokang, le bahlanka ba wona malakabe a mollo.

8. Empa haele ka Mora, o itse: Modimo, terone ya hao e tiile ka ho sa feleng, mme lere la mmuso wa hao ke lere la ho loka;

9. o ratile ho loka, mme o hloile bokgopo; ka baka leo, Modimo, Modimo wa hao o o tlotsitse ka ole ya nyakallo kahodima bohle ba nang le kabelo le wena.

10. Hape ho itswe: Haele wena, Morena, o ne o thee lefatshe tshimolohong, mme mahodimo ke mesebetsi ya matsoho a hao;

11. a tla timela, empa wena o ya sala; a tla tsofala kaofela jwaloka seaparo;

12. o tla a mena jwaloka kobo, mme a tla fetoha; empa haele wena, e sa le e le wena, mme mengwaha ya hao e ke ke ya eba le bofelo.

13. Ke ho lefe ho mangeloi o kileng wa re, le ka mohla o le mong: Dula letsohong la ka le letona, ke be ke etse bao e leng dira ho wena bonamelo ba maoto a hao?

14. Na kaofela ha wona hase meya e sebeletsang, e rongwang ho sebeletsa ba tlang ho rua lefa la poloko na?