BIBELE e Halalelang

Baheberu 1:7-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

7. Athe haele ka mangeloi, o itse: O etsa mangeloi a wona meya e fokang, le bahlanka ba wona malakabe a mollo.

8. Empa haele ka Mora, o itse: Modimo, terone ya hao e tiile ka ho sa feleng, mme lere la mmuso wa hao ke lere la ho loka;

9. o ratile ho loka, mme o hloile bokgopo; ka baka leo, Modimo, Modimo wa hao o o tlotsitse ka ole ya nyakallo kahodima bohle ba nang le kabelo le wena.

10. Hape ho itswe: Haele wena, Morena, o ne o thee lefatshe tshimolohong, mme mahodimo ke mesebetsi ya matsoho a hao;

11. a tla timela, empa wena o ya sala; a tla tsofala kaofela jwaloka seaparo;

12. o tla a mena jwaloka kobo, mme a tla fetoha; empa haele wena, e sa le e le wena, mme mengwaha ya hao e ke ke ya eba le bofelo.

13. Ke ho lefe ho mangeloi o kileng wa re, le ka mohla o le mong: Dula letsohong la ka le letona, ke be ke etse bao e leng dira ho wena bonamelo ba maoto a hao?