22. Le se ke la tshwenya mosadi wa mohlolohadi, leha e le kgutsana.
23. Ekare ha o ba tshwenya, mme ba tla, ba howeletsa ho nna, ke tla mamela mehoeletso ya bona;
24. bohale ba ka bo tla tuka, mme ke tla le bolaya ka lerumo, basadi ba lona e be bahlolohadi, le bana ba lona e be dikgutsana.
25. Leha o adima e mong wa setjhaba sa ka tjhelete, kapa e leng mofutsana ya leng ha hao, o se ke wa mo etsa kamoo ho ka etsang ya adimelang phaello kateng; o se ke wa mo tlamela phaello.
26. Leha o ka nka seaparo sa wa heno ho se etsa tebeletso, o tle o e buse letsatsi le eso ho dikele;
27. hobane ha a na seaparo se seng; ke yona kobo ya hae ya ho apesa letlalo la hae. A ka robala kang? Leha a ka howeletsa ho nna, ke tla mo utlwa, hobane ke mohau.
28. O se ke wa rohaka Modimo wa hao; hape, o se ke wa nyefola morena wa setjhaba sa heno.
29. O se ke wa dieha ho ntsha lekgetho la seo modiko wa hao o tletseng sona, le la se rothang sehatelong sa hao. O tlo o nnee letsibolo la bara ba hao.
30. O etse jwalo le ka kgomo ya hao le ka nku ya hao; di tla dula le bomma tsona tshiu tse supileng; ka la boroba meno e le mmedi, o tla nnea tsona.
31. Ho nna le tla ba batho ba kgethehileng, mme le se ke la ja nama e harotsweng naheng; le tle le e akgele dintja.