18. Setjhaba sohle se ne se tadimile se utlwa diaduma, le mahadima, le modumo wa terompeta, le thaba e ntse e kubella mosi; setjhaba eitse ha se bona tseo, sa thothomela, sa ikemela hole.
19. Ba re ho Moshe: Wena, bua le rona, mme re tla mamela, Modimo o mpe o se ke wa bua le rona, ra tshoha re eshwa.
20. Moshe a re ho setjhaba: Se tshoheng, feela ke Modimo o tlileng ho le leka, hore le nne le o tshabe, le tle le se ke la etsa sebe.
21. Setjhaba sa nna sa ema hole jwalo, Moshe yena a atamela pela leru le letenya moo Modimo o leng teng.
22. Jehova a re ho Moshe: Ere ho bana ba Iseraele: Le bone ha ke bua le lona ke le mahodimong.
23. Le se ka la iketsetsa medimo ya silefera, kapa medimo ya kgauta ho e bapisa le nna; le se ke la iketsetsa yona.
24. Hape, o nketsetse aletare ya mobu, eo o tla hlabela ho yona mahlabelo a hao a ditjheso le a diteboho, e leng nku tsa hao le kgomo tsa hao. Hohle moo ke tla o hopotsa lebitso la ka, ke tla tla ho wena teng, ke tle ke o hlohonolofatse.
25. Leha o ka nketsetsa aletare ya majwe, o se ke wa e haha ka majwe a betlilweng; hobane ha o ka tsamaisa tshepe lejweng, ke ho le silafatsa.
26. O se ke wa hlwa aletareng ya ka ka methati hore bofeela ba hao bo se ke ba apoha teng.