BIBELE e Halalelang

Eksoda 17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Ho dumaduma ha Baiseraele ha ba le Refidine. — Lefika la Horebe. — Baamaleke ba hlolwa.

1. Phutheho yohle ya bana ba Iseraele ya tloha lefeelleng la Sine, ka taelo ya Jehova, ba ntse ba eya ka ho tsamaya ha bona; ba fihla ba hloma ditente Refidime, empa ho ne ho se metsi ao setjhaba se ka a nwang.

2. Yaba setjhaba se tsekisa Moshe, sa re: Re feng metsi, re nwe! Moshe a re ho bona: Le ntsekisetsang? Le lekelang Jehova?

3. Setjhaba se fela se ne se nyoretswe metsi, sa ngangisa Moshe, sa re: O ne o re ntshetsang Egepeta, ho tla re bolaisa lenyora rona le bana ba rona, le makgomo a rona?

4. Yaba Moshe o howeletsa ho Jehova, a re: Ke tla etsang ka setjhaba sena? Ba se ba batla ba ntlepetsa!

5. Jehova a re ho Moshe: Tswela kapele ho setjhaba, o tsamaye le baholo ba Iseraele, o nke lere la hao, leo o otlileng noka ka lona, letsohong la hao, o ye.

6. Bona, ke tla ema pela hao mane lefikeng la Horebe; o tla tea lefika, mme metsi a tla tswa ho lona, sesetjhaba se nwe. Moshe a etsa jwalo pontsheng ya baholo ba Iseraele.

7. A rea nqalo eo lebitso la Massa le Meriba (teko le tseko) ka baka la tseko ya bana ba Iseraele, le kahobane ba ne ba lekile Jehova, ba re: Hleka Jehova o teng hara rona, kapa ha a yo na?

8. Yaba ho tla Amaleke, a lwana le Iseraele Refidime.

9. Moshe a re ho Joshua: Re kgethele banna, o tswe, o lwantshe Amaleke: haele nna, hosasane, ke tla ema qhoweng ya thaba, ke nkile lere la Modimo letsohong la ka.

10. Yaba Joshua o etsa kamoo Moshe a mmoleletseng kateng, a lwana le Amaleke. Moshe le Aarone le Hure ba nyolohela qhoweng ya thaba.

11. Enere ha Moshe a emisa letsoho, Iseraele a hlole; ha a kokobetsa letsoho, Iseraele a hlole; ha a kokobetsa letsoho, Amaleke a hlole.

12. Empa matsoho a Moshe a kgathala; yaba ba nka lejwe, ba le bea katlasa hae, a dula hodima lona, mme Aarone le Hure ba tshehetsa matsoho a hae, e mong ka ho le leng, e mong ka ho le leng; matsoho a hae a tiya jwalo ho fihlela letsatsi ha le dikela.

13. Yaba Joshua o qhala Amaleke le setjhaba sa hae ka bohale ba lerumo.

14. Yaba Jehova o re ho Moshe: Ngola taba ena bukeng, e be kgopotso, o be o e phete ditsebeng tsa Joshua, hoba ruri ke tla timeletsa le ho hopolwa ha Amaleke katlasa lehodimo.

15. Moshe a aha aletare, a e rea lebitso la Jehova-nissi (Jehova ke folaga ya ka).

16. A re: Hobane letsoho la Amaleke le ile la phahamela terone ya Jehova, ntwa ya Jehova e tla nne e be teng ho Amaleke kamehla le mehla.