BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 82 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Modimo o tla ahlola baahlodi ba ditjhaba.

Pesaleme ya Asafe.

1. Modimo o kene phuthehong ya medimo, o ahlola mahareng a medimo.

2. Le tla ahlola ka bokgopo ho isa kae, le emele ba bolotsana ho isa kae? (Sela.)

3. Ahlolelang ba banyenyane le dikgutsana; le lokisetse mohlomohi le ya lesitsi;

4. lokollang ba madimabe le bahloki, le ba utle matsohong a ba bolotsana.

5. Ha ba na hlalefo, leha e le kutlwisiso; ba tsamaya lefifing; metheo kaofela ya lefatshe e a kgwehla.

6. Ke itse: Le medimo, mme bohle le bara ba Mookamedi ya phahameng.

7. Leha ho le jwalo, le tla shwa jwaloka batho, le we jwaloka marena afe le afe.

8. Oho Modimo, tsoha, o ahlole lefatshe, hobane ditjhaba kaofela e tla ba lefa la hao.