BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 76 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Ho lebohuwa Modimo bakeng sa dikahlolo tsa wona.

Ho monga baphokodi. Ka tse tidinngwang. Pesaleme ya Asafe. Sefela.

1. Modimo o tsejwa Juda, lebitso la wona le leholo hara Iseraele;

2. tabernakele ya wona e Saleme, moaho wa wona o Sione.

3. Ke moo o robileng metsu e hadimang, le dithebe, le marumo, le dibetsa tsa ntwa. (Sela.)

4. O fetisa dithaba tsa mashodu ka kganya le ka bokgabane!

5. Bahale ba matla ba hlotswe, ba ithobaletse boroko ba bona; bahale ha ba ka ba tseba ho lwana ka matsoho a bona.

6. Ka tshokelo ya hao, Modimo wa Jakobo, makoloi hammoho le dipere tsa tshwarwa ke boroko bo boholo.

7. Wena, o a tshabeha. Ke mang ya ka emang pela hao, ha o qala ho halefa?

8. O boletse tsuo o le mahodimong; lefatshe la tshoha, la ba la kgutsa,

9. ha Modimo o tsoha ho ahlolela le ho boloka bahlomohi bohle ba lefatshe. (Sela.)

10. Kgalefo ya motho e tla o fetohela thoriso; ka kgalefo e setseng ho wena o tla itlama letheka.

11. Ikaneng ho Jehova, Modimo wa lona, le ntoo mo lefela; ditjhaba tsohle tse kamathoko di ke di tlise dinyehelo ho Modimo o tshabehang.

12. O rapalatsa boikgohomoso ba mahosana, a tshabeha ho marena a lefatshe.