BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 67 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Ditjhaba di rorise Modimo.

Ho monga baphokodi. Ka tse tidinngwang. Pesaleme. Sefela.

1. Modimo a o ke o re hauhele, o re hlohonolofatse; o ke o re kgantshetse sefahleho sa wona, (Sela.)

2. hore tsela ya hao e tsejwe lefatsheng, le poloko ya hao ditjhabeng tsohle.

3. Modimo, ditjhaba a di ke di o rorise, merabe yohle e ke e o rorise.

4. Ditjhaba di ke di nyakalle, di bine difela tsa thabo; hobane o tla ahlola ditjhaba ka ho loka, o tsamaise ditjhaba lefatsheng. (Sela.)

5. Modimo, ditjhaba a di ke di o rorise, merabe yohle e ke e o rorise!

6. Lefatshe le medisitse dijo tsa lona. Modimo, Modimo wa rona, o tla re hlohonolofatsa!

7. Modimo o tla re hlohonolofatsa, o tshajwe ke dipheletso tsohle tsa lefatshe!