BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 65 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Teboho hodima mahlohonolo.

Ho monga baphokodi. Pesaleme ya Davida. Sefela.

1. Modimo, boimamelo le hlompho di teng pela hao, Sione! Dikano di phethelwa wena!

2. Wena ya utlwang merapelo, batho bohle ba tla tla ho wena.

3. Boima ba makgopo bo a nkimela, empa o hlakotse ditlolo tsa rona.

4. Ho lehlohonolo eo o mo kgethileng, eo o mo atametsang pela hao, a tle a ikahele mabaleng a hao. Re tla kgora tse monate tsa ntlo ya hao, tsa tempele ya bokgethehi ba hao!

5. Oho Modimo wa poloko ya rona, o re arabela ho lokeng ha hao ka diketso tse tshabehang; wena, tshepo ya bohle ho isa dipheletsong tsa lefatshe le ho isa moo mawatle a fellang teng;

6. wena ya tiisang dithaba ka matla a hao, ya apereng matla;

7. ya kgutsisang modumo wa mawatle, modumo wa maqhubu a wona, le mohorohoro wa ditjhaba.

8. Ba ahileng pheletsong tsa lefatshe ba tshoha mehlolo ya hao; o thabisa ba ahileng botjhabela le bophirimela.

9. O lekola lefatshe, o a le nosetsa, o le ruisa haholoholo; metsi a tlala molatswaneng wa Modimo; o lokisetsa batho mabele, ha o lokisa lefatshe jwalo.

10. O nosetsa boleme ba lona bo lemilweng, o phophotha makote a lona, o le nolofatsa ka dipula, mme o hlohonolofatsa dimela tsa lona.

11. O rwesa selemo molemo wa hao, nala e latela mehlala ya hao;

12. mehlala ya hao e medisa makgulo a nahathothe, dithota di apara thabo.

13. Makgulo a tlala mehlape, diphula di apeswa ke mabele, mme ho utlwahala mehoo ya thabo le dipina.