BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 63 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Thapelo ya hosasa ya motho ya leleketsweng nahathotheng e hlokang metsi.

Pesaleme ya Davida, ya mohla a neng a le feelleng la Juda.

1. Oho Modimo, o Modimo wa ka, ke a o batla;

2. moya wa ka o nyoretswe wena, nama ya ka e tsetselela wena, naheng ena e tshehla, e feelleng, e se nang metsi.

3. Ke ka mokgwa o jwalo ke lebisitseng mahlo a ka ho wena sehalalelong, ke tle ke bone matla a hao le kganya ya hao;

4. hobane mohau wa hao o fetisa bophelo ka monate. Melomo ya ka e a o rorisa. Ke ka mokgwa o jwalo ke tlang ho o rorisa, ha ke ntse ke phela, ke be ke emisetse matsoho a ka ho wena ka lebitso la hao.

5. Moya wa ka o tla kgora jwaloka hoja ke jele moko le mafura, mme ka lentswe la nyakallo molomo wa ka o tla o roka.

6. Ha ke o hopola ke sekame diphateng tsa ka, ke ntse ke nahana tsa hao ka dinako tsa bosiu.

7. Hobane o thuso ya ka, mme ke hlasimoloha moriting wa mapheo a hao.

8. Moya wa ka o o kgomaretse, letsoho le letona la hao le a ntshehetsa.

9. Empa ba batlang bophelo ba ka, ba reng ke timele, ba tla hohlomela maleng a lefatshe.

10. Ba tla neelwa lerumo, ba fetohe dijo tsa diphokojwe.

11. Empa morena o tla ithabela ho Modimo; bohle ba anang ka wona ba tla nyakalla; hobane melomo ya ba bolelang mashano e tla thijwa.