BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 50 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Mahlabelo ao e leng a nnete le tshebeletso eo e leng ya sebele.

Pesaleme ya Asafe.

1. Modimo, Modimo Jehova o buile, o bitsitse lefatshe ho nka botjhabatsatsi ho isa bophirimela.

2. Sione, botleng bo phethehileng, Modimo o bonahatsa kganya ya wona;

3. o a tla, Modimo wa rona, o ke ke wa kgutsa; o etellwa pele ke mollo o timeletsang, o teetswe hare ke sefefo se tshabehang.

4. O bitsa mahodimo a hodimo le lefatshe, hore di tle kahlolong ya setjhaba sa wona, o re:

5. Mpokelleleng baratuwa ba ka, e leng bohle ba entseng selekane le nna ka sehlabelo.

6. Mme mahodimo a tla bolela ho loka ha wona, hobane Modimo ke wona o tla ahlola. (Sela.)

7. Mamela, setjhaba sa ka, mme ke tla bua; le wena Iseraele, mme ke tla o pakela, nna ke leng Modimo, Modimo wa hao.

8. Ha ke o kgalemelle mahlabelo a hao; ditjheso tsa hao di pela ka kamehla.

9. Nke ke ka lata dipohwana sakeng la hao, leha e le dipheleu merakeng ya hao;

10. hobane diphoofolo tsohle tsa meru ke tsa ka, le wona makgomo a fulang dithabeng ka dikete;

11. ke tseba dinonyana kaofela tsa dithaba, le diphoofolo tsa naha di matleng a ka.

12. Hola ke a lapa, ke be nke ke ka o bolella; hobane lefatshe ke la ka, le tse ho lona kaofela.

13. Hleka o re, ke ja dinama tsa dipoho, ke nwa madi a diphooko?

14. O abele Modimo diteboho tsa hao, o lefe dikano tsa hao ho Mookamedi ya phahameng!

15. O ntoo bitsa ho nna ka letsatsi la matswalo; ke tla o namolela, mme o tla nkgodisa!

16. Empa Modimo o re ho molotshana: O etsang, ha o bolela melao ya ka? Molomo wa hao o bolela selekane sa ka keng,

17. haele moo o hloile ho lauwa, o lahletse mantswe a ka kamora hao?

18. Ha o bona leshodu, o titimela ho lona, o tlwaelane le bafebi.

19. O lokollela molomo wa hao bobe, leleme la hao le loha thetso;

20. ere moo o dutseng, o nyefole ngwaneno, o etselletse ngwana mmao.

21. Ke tseo o di entseng, mme kahobane ke ikgutseditse, o hopotse hoba nna ke ya jwaloka wena; ke tla o kgalemela, ke hlanole tsohle mahlong a hao.

22. Lemohang tseo, lona ba lebaleng Modimo, esere mohlomong ka le harola, mme ha hlokahala ya namolelang!

23. Ya ntlhabelang sehlabelo sa diteboho ke yena ya ntlotlisang; e mong le e mong ya lokisang tsela ya hae, ke tla mmontsha poloko ya Modimo.