BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 32 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Thapelo ya ho kopa tshwarelo ya dibe.

Sefela sa Davida.

1. Ho lehlohonolo eo tshito ya hae e tshwaretsweng, eo sebe sa hae se apesitsweng!

2. Ho lehlohonolo motho eo Jehova a sa mmalleng bokgopo ba hae, eo thetso e leng siyo pelong ya hae!

3. Enere ha ke kgutsitse, masapo a ka a ne a fediswa ke ho bobola ha ka ka letsatsi lohle.

4. Hobane letsoho la hao le ne le le boima ho nna nyene le bosiu; metsi a bophelo ba ka a ne a omeletse jwaloka hola ke lebatama la selemo. (Sela.)

5. Ka ba ka o bolella sebe sa ka, mme ha ke a ka ka pata bokgopo ba ka, ka re: Ke tla bolela ho tlola ha ka ho Jehova; mme wa hlakola bokgopo ba sebe sa ka. (Sela.)

6. Ka baka leo, mokgethehi e mong le e mong a ke a o rapele ka nako eo o ka bonwang ka yona; dikgoholeng tsa metsi a maholo, merwallo e ke ke ya mo atamela.

7. O setshabelo sa ka; o ntwela matswalong, o ntika ka dipina tsa topollo. (Sela.)

8. Ke tla o ruta, ke o bontshe tsela eo o tshwanetseng ho ya ka yona; ke tla o lemosa ke ntse ke o tadimile ka mahlo.

9. Le se ke la ba jwaloka pere le esele tse se nang kutlwisiso, tseo, hojane e se be ka tomo eo di thapiswang ka yona, di neng di ke ke tsa o atamela.

10. Mahlomola a mangata a lebeletse ya kgopo; empa ya itshepelang Jehova o teelwa hare ke mohau wa hae.

11. Ithabiseng ka Jehova, le nyakalle ho yena, lona ba lokileng; mme le bine, lona bohle ba pelo tse lokileng!