BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 30 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Thapelo ya teboho ya motho ya thusehileng bolwetseng bo tshabehang.

Pesaleme; sefela sa Davida bakeng sa kgakolo ya ntlo.

1. Jehova, ke a o hodisa, hobane o mpholositse, mme ha o a ka wa lesa hore bao e leng dira ho nna ba thabe ka nna.

2. Jehova, Modimo wa ka, ka na ka howa ho wena, mme o mphodisitse.

3. Jehova, o nyolotse moya wa ka nqalong ya bafu, o ntsositse, hore ke se theohele lebitleng.

4. Binelang Jehova, lona bakgethwa ba hae, le rorise lebitso la hae le halalelang.

5. Hobane kgalefo ya hae ke ya motsotso feela, empa mohau wa hae o tshwere bophelo bohle ba motho; leha dillo di ka fapohela ho rona bosiu, hosasa e se e le nyakallo.

6. Ho iketleng ha ka, ke fela ke ne ke itse: Nke ke ka sisinyeha le ka mohla o le mong!

7. Jehova, o ne o tiisitse thaba ya ka ka mohau wa hao; empa o kile wa pata sefahleho sa hao, mme ka tsieleha.

8. Jehova, ka ba ka howa ho wena, ka beela Jehova thapedisiso ya ka, ka re:

9. Na o ka ruang ka madi a ka le ka ho theohela ha ka lebitleng?

10. Na lerole le ka o rorisa, kapa le ka bolela botshepehi ba hao na?

11. Jehova, mamela, o nkutlwele bohloko! Jehova, o be o nthuse!

12. Wa ba wa fetola dikgapa tsa ka nyakallo, wa lokolla lesela la ka le mahwashe, wa ntlama ka senyepa sa thabo, pelo ya ka e tle e o binele, e se ke ya kgutsa. Jehova, Modimo wa ka, ke rata ho o rorisa ka ho sa feleng.